How to prevent phone theft

Tsela ea ho thibela bosholu

 

Lifono tse tsamaeang li bohlokoa (lits’oants’o, mahokela, mabitso a bulang…) tseo motho e mong le emong ea phelang a nang le tsona, re tlameha hoba hlokolosi kahore na reli bonts’a mang eng, moo re sieang lifono kapa ho kalimana ka tsona ho motho e mong.

 

-          Seke oa hlahisa fono ea hao ha u le hara mokhopi. Eka utsuoa ka mokhoa oa ho qhekanyetsoa, kapa ea utsuoa letsohong la hao ha u sa hlokomela.

-          Ho siea fono ea hao libakeng tse bulehileng, leha ele motsotsoana feela holima tafole, shelefong, ka manking, kapa kae kapa kae, hase tsela e nepahetseng.

-          Ho beha fono ea hao tafoleng ka lebenkeleng ke mohopolo o fosahetseng. Hoka etsahala hore u e lebale ha u etsoa sebakeng seo, kapa eaba e ile le  pele u elelloa.

-          Ho hlahisa lisebelisoa tsa hao tse tsamaeang, leka koloing ea hao feela, hoka etsa hore masholu a pheshoatle leho kena. 'Me masholu aka senya koloi ea hao, eaba qetellong le fono ea hao e tlabe e ile.

-          Seke oa tlisa fono hao moo u iokoetlisang, moo u sesang kapa libaka tse bulehileng moo u tla beha lintho tsa hao faats'e. Hlokomela fono ea hao joalo kaha u  etsa ka mokotlana oa hao oa chelete.

-          Eba hlokolosi ha u alimana ka fono ea hao, leha a re o batla ho letsa hobane ea hae e sena motlakase, joale ha ana chelete kapa leha eba o batla ho letsa ka ntho ea bohlokoa. Hona le mabaka a ts'oarelo a mangata, 'me boholo ba rona re a lumela.

Likhothaletso

 

-          Ts'ela mathathamo a lifono tse tsamaeang ho laola 'Android, Windows kapa iOS. Ka lethathamo lena ho tlaba bobebe ho fumana fono ea hao e lahlehileng kapa ho utsuoa. Kaho romela molaetsa o thotseng, u tla fumana moo motho ea ntseng a sebelisa fono a leng teng, kapa hona ho hlakola litaba tse fonong, kapa ho khina kapa leho romela molaetsa. Ho lisebelisoa tse ling, ho bile ho bobebe ho romella taba ka sebaka le nomoro e ncha ea mosebelise.

-          Bana haba ts'oanela hoba le lifono tsena tsa sejoale-joale. Bosholu boka theoha, leho ba bobebe hore litaba tsa bohlokoa ha lina ho hlekefetsoa – joalo ka mekitlane ea hao ea marangrang, lits'oants'o le linomoro tsa fono.

-          Ts'ela feela mathathamo a khothalelitsoeng.

-          Notlela fono ea hao  ka nomoro ea lekunutu. U tla sala ele uena feela ea ka e sebelisang leho sitisa hlekefetso ea karete ea hao ea fono. Hona ho kenyeletsa le lifono tsa khale.

-          Ho holisa ho fumaneha hoa fono ea hao e lahlehileng, ngola fats'e tse latelang:

1.      Nomoro ea fono ea hao.

2.      Moetso le mofuta oa fono

3.      'Mala le litaba tse ling

4.      Nomoro ea lekunutu

5.      Nomoro ea IMEI(*#06*)

-          Nka likeletso tse ngata le tsela ea ho tsa tsebahatsa lifono – Likaralong tsa fono, joalo ka 'beteri', ngola litaba tsa hao tsa bohlokoa. Ka nako e ngoe ho bile ho bohlokoa ho pata pampits'ana e nang le litaba tsa hao. Ka mohlomong lesholu leka ikutloa lele molato 'me la e khutlisetsa ho uena.

 

Haeba fono ea hao e hlile e utsoitsoe:

·         Kapele-pele tlaleha bosholu boo mapoleseng le mosebetsi oa likhokahanyo. Ho tlaleha bosholu hotla sebelisoa ele bopaki ba fono e nyametseng. Hono ho bohlokoa haeba lesholu le sebelisa hampe lits'ebeletso tsa lifono, eleng hotla etella pele theko e ts'osang mafelong a khoeli. Keka bopaki feela ba fono e utsoitsoeng ralits'ebeletso a ka nts'ang litefiso tsa lits'ebeletso.